“Letsoào la Sebatana” ke eng?

Na u oa tseba hore na Letsoào la Sebatana ke eng?

Na u ne u tseba hore Molimo le eena O na le letsoào-letsoào le hlalohanyang bana ba hae ho ba bang?

Batho ba na le maikutlo a mangata ka hore na Letsoào la Sebatana e ka ba eng. Na ke barcode? Na ke phatsa ea Khòmphutha? Na ke nomoro ea boitsibiso, joalo ka Aadhaar India? Na e ka ba ntho e takiloeng kapa e ngoliloeng letsohong la hao? Na ke ente?

U tlameha u se u ntse u e-na le maikutlo a hau ka Letsoào la Sebatana. Empa na u feela u e-na le bonnete ba hore u nepile? Na u kile oa bona tlhaloso hotsoa Bibeleng?

Ka kopa bala lengolo le leng le le leng ho fumana karabo.

​Letsoào la Sebatana le hokae?

Tsènolo 13:16:

Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makhoba, ba be le letsoào matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona.

​Ba se nang letsoào ha ba lumelloa ho etsa eng?

Tsènolo 13:17:

Sa etsa hore ho se be le ea mong ea ka rekang, kapa ea ka rekisang, a se na Letsoào la Sebatana kapa palo e emetseng lebitso la sona.

Ba nang le Letsoào ba tla ahloloa joang?

Tsènolo 14:19-11:

Eaba lengeloi le leng, e leng la boraro, le latela ao ka ho bua ka lentsoe le phahameng, le re: “Haeba mang kapa mang a ka khumamela Sebatana le setsoàntsò sa sona, ‘me a fumanoa a e-na le letsoào la sona phatleng ea hae, kapa letsohong la hae, le eena o tla noa joala bo qhatselitsoeng senoelong sa khalefo ea Molimo bo sa hlapolloa, e leng joala ba bohale ba Molimo, ‘me o tla hlokofatsoa ka mollo le sebabole, kapele ho Konyana. Mosi oa tlhokofatso ea batho bao o tla foqohela holimo ka mehla le mehla. Ba khumamelang Sebatana le setsoàntsò sa sona, le bohle ba fumanoang ba e-na le letsoào la sona, ha ba ka ke ba phomola motsèare le bosiu.

Na ho teng ntho e ñgoe hape e ka etsahallang bao ba nang le letsoào?

Tsènolo 16:2:

La pele la tloha, la qhalla lefisoana la lona lefatsèng, ‘me liso tse mpe-mpe tsa bereha batho ba nang le letsoào la Sebatana, ba khumamelang setsoàntsò sa sona.

​Molimo o tla putsa ba mo latelang joang ba hanneng ho fumantsoà letsoào la Sebatana?

Tsènolo 20:4:

Eaba ke bona literone le ba lutseng holim à tsona, ba neiloeng matla a ho ahlola. Ka bona le ba khaotsoeng lihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la lentsoe la Molimo, le ba sa kang ba khumamela Sebatana le setsoàntsò sa sona, ba sa kang ba fumanoa ba e-na le letsoào la sona liphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, ‘me ba busa le Kreste ka lilemo tse sekete.

​Nakong ea bofelo, batho ba babeli ba tla sebetsa ‘moho ho khelosa leho laola lefatsè lòhle. Ke bo mang?

Tsènolo 19:20:

Sebatana sa tsoàroa hammoho le moporofeta oa bohata, ea ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, ‘me ka eona a khelosa ba neng ba e-na le letsoào la Sebatana, ba ileng ba khumamela setsoàntsò sa sona. Bobeli ba bona ba akheloa letsèng le tukang mollo oa sebabole ba ntse ba phela.

​Ea fang Sebatana matla a hae ke mang?

Tsènolo 13:4:

Bohle ba khumamela Khanyapa, hobane e ne e neile Sebatana matla a eona. Ba khumamela le sona Sebatana, ba re: “Ke mang ea tsoànang le Sebatana? Ke mang ea ka se loantsoàng?”

Khanyapa ke mang?

Tsènolo 12:9:

Ea liheloa fatsè Khanyapa ea tonana, noha ea khale, e bitsoang Diabolosi le Satane, mokhelosi oa lefatsè lohle; ea liheloa lefatsèng ‘moho le mangeloi a eona.

Na Sebatana se ka re ke Molimo?

2Bathesalonika 2:3-4:

Ho se be ea le thetsang ka tsela efe kapa efe. Pele ho letsatsi leo ho tla ba le bokoenihi, ‘me ho senoloe ea khopo, ea tlamehileng ho timela. Eena o tla loantsà, a iphahamisetse tsohle tse bitsoang Molimo, tse khumameloang ke batho, hoo eena a tlang ho itulela ka Tempeleng ea Molimo, a iketse Molimo.

Sheba hape Esekiele 28:2 le Daniele 11:37

​Na baahi ba lefatsè ba tla khumamela Sebatana?

Tsènolo 13:4:

Bohle ba khumamela Khanyapa, hobane e ne e neile Sebatana matla a eona. Ba khumamela le sona Sebatana, ba re: “Ke mang ea tsoànang le Sebatana? Ke mang ea ka se loantsoàng?”

​Na ba khumamelang Sebatana ba tlola molao oa pele?

Lipolelo / Deuteronoma 5:6-7:

“Ke ña Morena Molimo oa hao, ea u nt’sitseng naheng ea Egepeta, moo u neng u le lekhoba teng. U se ke ua ba le melimo e meng kantle ho ña.”

​Moporofeta oa bohata o tla re baahi ba lefatsè ba etse eng?

Tsènolo 13:14:

Sa khelosa baahi ba lefatsè ka mehlolo eo se lumeletsoeng ho e etsa pontsèng ea Sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setsoàntsò sa Sebatana se ileng sa ntsoà leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.

​Na baahi ba lefatsè ba tla khumamela setsoàntsò sa Sebatana?

Tsènolo 13:15:

Sa neoa matla a ho etsa hore setsoàntsò seo sa Sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, ‘me sa etsa hore bohle ba sa se khumameleng ba bolaoe.

​Molao oa bobeli oa Molimo o reng ka litsoàntsò?

Lipolelo/ Deuteronoma 5:8-10:

“U se ke ua iketsetsa setsoàntsò se betliloeng, leha e le setsoàntsò sefe kapa sefe sa ntho e holimo, leholimong, kapa e tlase, lefatsèng; kapa e metsing, katlase ho lefatsè. U se ke ua li khumamela, ‘me u se ke ua li sebeletsa, hobane ña, Morena Molimo oa hao, ke Molimo ea boulelang, ea otlang bana ka baka la bokhopo ba bo-ntat’a bona, ho isa molokong oa boraro le oa bone oa ba ntlhoileng. Empa ba nthatang, ba bolokang melao ea ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.”

​Moporofeta oa bohata o tla re o emetse tumelo efeng?

Matheu 24:4-5:

Jesu a ba araba, a re: “hlokomelang, le se ke la tsòha le khelesoa ke motho ofe kapa ofe! Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: “Ke ña Kreste, ‘me ba tla khelosa ba bangata.“’

​Na moporofeta oa bohata o tla hlaha a tsoàna le Konyana?

Tsènolo 13:11:

Joale ka bona Sebatana se seng se nyoloha lefatsèng. Se ne se e-na le linaka tse peli tse kang tsa Konyana, empa se ne se bua joaloka Khanyapa.

​Konyana ea ñete ea Molimo ke mang?

Johanne 1:36:

Eare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ea Molimo!”

​Ha Sebatana le Moporofeta oa bohata ba tla ka lebitso la Kreste, na ba tla tlola molao oa boraro?

Lipolelo/ Deuteronoma 5:11:

“U se ke ua tlaela ka lebitso la Morena Molimo oa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ea tlaelang ka lebitso la hae.”

​Moporofeta oa bohata o tla khelosa baahi ba lefatsè joang?

Tsènolo 13:13-14:

Sebatana seo sa bobeli sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo leholimong, pontsèng ea bohle, hore o tle o oele lefatsèng. Sa khelosa baahi ba lefatsè ka mehlolo eo se lumeletsoeng ho e etsa pontsèng ea Sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setsoàntsò sa Sebatana se ileng sa ntsoà leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.

​Lebitso le leng la Moporofeta eo oa bohata ea etsang mehlolo ke lefeng?

2 Bathesalonika 2:8-10:

Hore ea khopo a tle a senolehe. Joale Morena Jesu o tla mo felisa ka ho mo bulula ka molomo feela, ‘me a mo timetse ka khanya eo a tla tla ka eona. Ea khopo o tla tla ka mesebetsi ea Satane, ‘me o tla etsa liketso tse matla, le mehlolo le limakatso tse thetsang. O tla sebelisa mefuta eohle ea lithetso tsa bokhopo ho ba eang timelong, kahobane ha baa ka ba lumela ho rata ñete e neng e tla ba pholosa.

Hlokomela: Ho hloka molao, ho bolela “kantle ho molao” kapa “ho roba molao.” Ba sa lateleng Molao ba tla ruta baahi ba lefatsè ho roba molao oa Molimo.

​Morena Jesu o ile a reng ka Melao e leshome?

Matheu 5:17-19:

“Le se ke la nahana hore ke tlile ho felisa Molao kapa Boporofeta; ha kea tla ho lifelisa, ke mpa ke tlile ho li phethahatsa. Kannete kea le bolella: ho fihlela leholimo le lefatsè li fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le ñgoe leha e le letsoàonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle li etsahala. Ha ho le joalo, mang le mang ea tlolang leha e le ñgoe ea litaelo tsena tse nyenyane, ‘me a ruta batho ho etsa joalo, o tla bitsoa e monyenyane ‘Musong oa maholimo, empa mang le mang ea li phethang, ‘me a li ruta, eena o tla bitsoa e moholo ‘Musong oa maholimo.

Matheu 19:17:

A mo araba, a re: “Ke ka baka la ñg ha u mpotsa ka se molemo? O mong feela ea molemo. Haeba u ba tla ho kena bophelong, boloka melao.”

​Na ba latelang Jesu Kreste ba tla boloka melao e leshome nakong ea bofelo?

Tsènolo 12:17:

Khanyapa ea halefela mosali, ‘me ea loantsà litloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu.

​Molimo o hlalosa ba se nang letsoào la Sebatana joang?

Tsènolo 14:12:

Mona ho batleha tiisetso ea balumeli ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ho Jesu.

Hlokomela: Tsènolo 14:9-11 e hlalosa kotlo ea ba nang le letsoào la Sebatana. Tsènolo 14:12 e hlalosa ba se nang letsoào la Sebatana. Haeba u boloka Melao ea Molimo, u ke ke oa ba le letsoào la Sebatana.

​Letsoào la Sebatana le hokae?

Tsènolo 13:16:

Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makhoba, ba be le letsoào matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona.

​Na sechaba sa Molimo se lokela ho ba le letho matsohong a bona kapa liphatleng?

Lipolelo/Deuteronoma 6:6, 8:

Mantsoe ana ao ke u laelang òna kajeno a be ka pelong ea hao. U a rute bana ba hao ka hloko, u bue ka òna ha u lutse ka tlung ea hao, leha u tsamaea tseleng, leha u paqame, leha o tsoha. Mantsoe ana u a tlamelle letsohong la hao e le pontsò, a be joaloka sekola phatleng ea hao.

Hlokomela: Mona Moshe o bua ka Melao e leshome, eo a buileng ka eona ho Lipolelo/Deuteronoma 5. Ba latelang Molimo ba lokela ho boloka Melao ea Molimo e leshome ka lipelong tsa bona ( e le pontsò ea litakatso tsa bona) matsohong a bona (e le pontsò ea liketso tsa bona) le liphatleng tsa bona ( e le pontsò ea menahano ea bona).

​Molao oa bone ke pontsò kapa letsoào la sechaba sa Molimo?

Phallo/ Exoda 31:13:

“Uena u bue le bana ba Iseraele, u re: ‘Ruri le tla boloka lisabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko eohle ea lona, hore le tsebe hore ke ña Morena, mohalaletsi oa lona.“’

Esekiele 20:12, 20:

Ka ba nea le lisabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke ña Morena ea ba halaletsang. … Halaletsang lisabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke ña Morena Molimo oa lona.

​Na ba tla baleha litlokotsi tse kholo ba tla be ba e-na le letsoào la Molimo?

Matheu 24:20-21:

Rapelang hore paleho ea lona e se be ka nako ea mariha kapa ka tsatsi la Sabatha, hobane mohlang oo ho tla ba le litlokotsi tse kholo, tse e-song ho be teng ho tloha ts’imolohong ea lefatsè ho fihlela joale, ‘me ha li sa tla ba teng hape.

Na Morena Jesu le Baapostola ba ne ba boloka lisabatha?

Luka 4:16:

A ea Nasaretha, moo a holetseng teng, ‘me ho ea ka tlaelo ea hae a kena ka tlung ea thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.

Luka 4:31:

A theohela Kaperenauma e leng motse oa Galelea. A ruta e le ka lisabatha.

Luka 13:10:

Jesu o ne a ruta ka ho e ñgoe ea matlo a thapelo ka Sabatha.

Luka 23:56:

Ba khutla, ba lokisa linoko tse monko o monate le setlolo, ‘me ba phomola ka Sabatha ho ea ka Molao.

Liketso 13:14:

Bona ba phunyeletsa ho tloha Perega, ho ea fihla Antiokia e Pisidia. Ba kena ka tlung ea thapelo ka letsatsi la Sabatha, ba lula fatsè.

Liketso 13:42-44:

Eare ha ba e-tsoa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle litaba tseo le ka Sabatha se latelang. Joale ha phutheho e se e qhalane, Bajuta ba bangata le basokolohi ba hlomphang Molimo ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba khothaletsa ho tiisetsa mohaung oa Molimo. Ka Sabatha se hlahlamang motse oa ba tla o phutheha kaofela ho tla utloa lentsoe la Molimo.

Liketso 16:13:

Ka tsatsi la Sabatha ra tsoela kantle ho khoro ea motse e pelà noka, mo re neng re lekanya hore ho rapelloa teng. Hoba re lule, ra bua le basali ba phuthehileng.

Liketso 17:2:

Ho ea ka tloaelo ea hae, Paulosi a kena ho bona, ‘me ka lisabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo.

Liketso 18:4:

A buisana le batho ba ka tlung ea thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kholisa Bajuda le Bagerike.

Baheberu 4:9-10:

Ha ho le joalo, sechaba sa Molimo se sa saletsoe ke letsatsi la phomolo, hobane ea keneng phomolong ea hae le eena o phomotse mesebetsing ea hae, joalokaha Molimo le eena a ne a phomole ho ea hae.

​Na Baapostola ba ne ba boloka letsatsi la Sabatha ho e-na le la Sontaha?

Liketso 20:7 e hlalosa litaba tsa Paulosi ha a ne a le lijong le Barutuoa ba bang bosiu ba letsatsi la pele le qalang beke. Ho ea ka moetlo kapa molao oa Seheberu, matsatsi a qala ha letsatsi le likela. Ka hona, kopano ena e ne e le bosiu ba Moqebelo. Letsatsi le hlahlamang, la Sontaha Paulosi ha a ka a phomola kapa ho na ho tsòara lit’sebeletsoho tsa kereke-empa a tsamaea leeto la ho feta likilomitara tse mashome a mararo ho ea Asose ka Sontaha (Liketso 20:13-14).

Ho 1Bakorinthe 16:12 Paulosi o ile a laela Bakorinthe hore Sontaha se seng le se seng ba behelle lijo ka thoko tseo ba tla li romela Jerusalema nakong ea tlala e kholo. Kereke ea Korinthe e ne e kopana ka Moqebelo e seng ka Sontaha (Liketso 18:4).

​Ke letsatsi le feng leo baahi ba lefatsè ba le khethileng ba keng sa Sabatha?

Bala Katekisima, 2175:

Letsatsi la Sontaha le hlalosoa le khethehile haholo ho la Sabatha leo le le latelang beke e ñgoe le e ñgoe ka tatellano; ka se Kreste, mekete ea bona e bonahala e se e etsoa Sontaha ho na le ka Sabatha. Ka nako ea mokete oa Paseka, Sontaha se phethahatsa ñete ea semoea ea Sabatha sa Bajuda le ho phatlalatsa phomolo ea batho e sa feleng ho Molimo. Joalokaha khumamelo tla sa molao e lokiselitsoe misteri oa Kreste, le se neng se etsoa se bonts’itse likarolo tse ling tsa Kreste:

Ba neng ba phela ho latela ka moo lintho li neng li etsoa ka teng khale ba fihlile ts’epong e ncha, ha ba sa boloka letsatsi la Sabatha empa ba boloka letsatsi la Molimo, moo bophelo ba rona bo hlohonolofatsoang ke eena le ke lefu la hae.

Hlokomela: Katekisima ha se karolo ea Bibele. Empa ke thuto ea kereke e katholike.

​Letsatsi la Sabatha le fetoletsoe ho ba Sontaha neng?

Ka selemo sa lekholo mashome a mararo a metso e mehlano (135) sa Morena (AD) (e ne e ka ba lilemo tse lekholo Jesu a shoele) ‘Musisi oa Roma Hadrian a tlola molao oa Sabatha. Hoo motho ea neng a boloka letsatsi la Sabatha a neng a bolaoa. Ka tlasa khatello ena, bongata ba Ba-Kreste ba tlohela letsatsi la Sabatha, ea ba kapele-pele letsatsi la Sontaha le amoheloa e le lona la ho khumamela Morena.

E ne e ka ba lekholo mashome a mahlano a metso e mehlano a lilemo selemong seo sa Morena (155AD), ha tichere ea Ba-Kreste Justin Martyr a ngola, a re: ” Sontaha ke lona letsatsi leo ka lona re tsoàrang liphutheho tsa rona, hobane ke letsatsi la pele leo Molimo o entseng lefatsè ka lona” (First Apology, khaolo ea 67).

Kamora lilemo tse makholo a mararo mashome a mabeli a motso o mong (321), Musisi oa Roma Constatine a fana ka taelo ea hore, “Baahloli bohle le batho bohle ba phomole ka letsatsi le hlomphehang. (Ayer, Joseph Cullen, 1913. A Source Book for Ancient Church History. 2.1.1. 59g. Pp. 284-5).

Ka selemo sa makholo a mararo mashome a tsèletseng a metso e mehlano sa Morena (365AD) Lekhotleng la Laodisea, kereke e katholike ea laela hore: “Ba-Kreste ba se ke ba etsa lintho Se-Juda ka ho phomola ka letsatsi la Sabatha, empa ba sebetse ka letsatsi leo, feela ba ntse ba hlompa letsatsi la Morena; le hore haeba ba khona ba phomole e le Ba-Kreste” (Canon 29).

U ka bala haholoanyane ka hore na Sabatha se fetoletsoe ho Sontaha joang ka ho kena sehokelong sena:

Hobaneng Ba-Kreste ba bangata ba rapela Sontaha

​Na Sebatana se tla leka ho fetola linako tsa selemo le melao?

Daniele 7:25:

E tla bua ka boikokobetso ho Ea Holimo-limo, e hlorise bahalaleli ba Ea Holimo-limo. E tla leka ho fetola linako tsa selemo le melao. Ho tla neelanoa ka bahalaleli matsohong a eona ka nako e etsang lilemo tse tharo le halofo.

​Na Moporofeta oa bohata o tla qobella baahi ba lefatsè ho ba le letsoào la Sebatana, ea tla ba ipitsa Moeta-pele oa Ba-Kreste?

Tsènolo 13:16:

Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makhoba, ba be le letsoào matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona.

​Phethelo

Letsoào la sechaba sa Molimo ke lefeng? Letsoào la Sebatana ke eng? Bibele e reng? Haeba o sa tsebe karabo, o bale thuto ena hape. E kanna ea hlaka hao e bala hape khetlo la bobeli.